Y-Prime, LLC
Leano la Lekunutu

Sepheo

Y-Prime, LLC (YPrime) e ikemiseditse ho ba le ponaletso pokellong le tshebedisong ya Boitsebiso ba Botho. Ka tataiso ena YPrime e itlama ho sireletsa lekunutu, boitsebiso esita le ditokelo tsa motho ka mong ho ipapisitswe le Boitsebiso ba Botho.

Tataiso ena e sebetsa ho Boitsebiso ba Botho ba bareki bohle, bankakarolo ho diphuputso tsa bongaka, barekisi, bakopi ba mosebetsi, basebetsi, borakonteraka, basebetsi ba mehleng, le ba etelang websaeteng ya YPrime (jwalo ka dicooki le di tag tsa inthanete) e fanwang kapa ho bokellwa le ho bolokwa ke YPrime.

Ditokelo tsa Botho tsa Lekunutu California

Tlasa molao wa California wa \”Shine the Light\”, baahi ba California ba fanang ka karolo e nngwe ya boitsebiso ba bona ho reka thepa kapa ho fumana ditshebeletso ho motho ka mong, lelapa kapa bakeng sa ho tshebediso ka lapeng ba na le tokelo ya ho kopa le ho fumana (hanngwe ka selemo) tlhahisoleseding ho tswa ho YPrime mabapi le boitsebiso ba moreki boo re bo arolelaneng (ha bo le teng) le dikgwebo tse ding bakeng sa ho bapatsa. Moo ho hlokahalang, tataiso ena e tla kenyelletsa dikarolo tsa boitsebiso ba moreki, mabitso le diaterese tsa dikgwebo tseo re arolelaneng boitsebiso ba bareki le tsona selemong se fetileng (mohlala, dikopo tse entsweng ka 2021 di tla fumana lesedi mabapi le karolelano ya 2020, haeba e le teng.)

Ho fumana tlhahisoleseding ena, re kopa o romele molaetsa ka imeile ho privacy@yprime.com o balehang tjena \”Kopo ya Tlhahisoleseding ya Lekunutu California\” moleng wa sehlooho le karolong ya molaetsa wa hao. Re tla o romella boitsebiso boo o bo kopileng atereseng ya hao ya imeile ha o fuwa karabo.

Hlokomela hore hase boitsebiso bohle bo arolelanwang bo welang tlasa molao wa “Shine the Light,” mme ke boitsebiso feela bo arolelanwang bo tla kenyelletswa karabong ya rona.

YPrime e hlompha lekunutu la motho ka mong mme e ananela boitshepo ba balatedi ba yona, basebetsi, bankakarolo ho phuputso ya bongaka, bareki, bahwebi mmoho, le ba bang. YPrime e itlama ho bokella, ho sebedisa le ho phatlalatsa boitsebiso e ipapisitse le melao ya dinaha tseo e hwebang ho tsona, empa ho feta mona, e na le nalane e ntle ya hlompho mekgweng ya yona ya ho tsamaisa kgwebo.

Ha o na le dipotso mabapi le tataiso ena, kapa ho fumana ditlhakisetso tse ding, romela molaetsa wa hao ho privacy@yprime.com. Yprime e sebetsa e ipapisitse le melawana ya GDPR.

Tsebiso ena e ka matlafatswa nako le nako. Ha dintlafatso tsa dintlha di etswa, letsatsi la ho qetela la ho etsa jwalo le tla ngolwa qetellong ya leqephe.

Ditlhaloso
\”Molaodi wa taolo ya Boitsebiso\” ke motho a nang le matla kapa setsibi sa ditaba tsa molao, moemedi wa setjhaba, setsi kapa mokgatlo o itseng oo, o le mong kapa o sebetsa le e meng, o bontshang merero le mekgwa ya ho Sebedisa Boitsebiso ba Botho.

\”Monnga Boitsebiso” ke motho a tsebahalang kapa a phelang.

GDPR\” ke Molao wa Taolo le Polokeho ya Boitsebiso ka Kakaretso wa Mokgatlo wa Dinaha tsa Europa (EU).

“Boitsebiso ba Botho” ke eng kapa eng ya boitsebiso e amahanngwang le motho a ntseng a phela a ka tsebahatswang ka boitsebiso bo jwalo. Ho latela GDPR sena se bitswa \”Boitsebiso bo Tsebahatsang Motho.\”

\”Tshebediso\” ke tshebediso efe kapa efe e etswang ka boitsebiso jwaloka pokello, poloko, ho fetolwa ha yona, ho e phatlalatsa kapa ho e hlakola.

\”Molaodi wa Tshebediso ya Boitsebiso\” ke motho a nang le matla kapa setsibi sa ditaba tsa molao, moemedi wa setjhaba, setsi kapa mokgatlo o itseng o sebetsanang le boitsebiso lebitsong la molaodi wa taolo ya boitsebiso.

\”Mekgahlelo e Kgethehileng ya Boitsebiso ba Botho” ke tlhahisoleseding ya motho jwaloka morabe wa hae, sebaka, Tlaleho ya Botlokotsebe, maikutlo a dipolotiki, bodumedi ka kakaretso, botho mekgatlong ya basebetsi, bophelo bo botle, mekgwa ya thobalano kapa kgetho ya bong, le boitsebiso ba biometric, mme ona ke mofuta wa Boitsebiso ba Botho.

\”Tlaleho ya Botlokotsebe\” e bolela ditaba tsa diqoso le ditlolo tsa molao tsa motho, le tse amanang le ho ba mmelaellwa le dinyewe kgotla.

Maano a Tshireletso ya Boitsebiso
YPrime e sebedisa Boitsebiso ba Botho e ipapisitse le maano a tshireletso ya boitsebiso a latelang:

  • E sebedisa Boitsebiso ba Botho ka toka, e ikobela molao, le ka ho ba le ponaletso.
  • E bokella Boitsebiso ba Botho feela ho merero e boletsweng, e hlakileng le e nepahetseng.
  • E sebedisa Boitsebiso ba Botho feela moo bo hlokahalang, le moo ho loketseng, ho ikamahanngwa le bohlokwa ba merero ya Tshebediso ya teng.
  • E boloka Boitsebiso ba Botho bo nepahetseng mme e leka ka hohle ho netefatsa hore Boitsebiso ba Botho bo nang le diphoso bo ya lokiswa kapa bo hlakolwe hanghang.
  • E boloka Boitsebiso ba Botho bakeng sa nako e boletsweng ya tshebediso ya bona.
  • E nka mehato e nepahetseng ho netefetsa hore Boitsebiso ba Botho bo bolokehile kgahlanong le Tshebediso e sa dumellwang kapa e ka thoko ho molao, kotsi ya tshohanyetso, kapa tshenyo.

YPrime e nka boikarabello hore na e fumana le ho phatlalatsa boitsebiso jwang, esita le ho netefatsa hore e latela maano a ka hodimo.

  • E Sebedisa Boitsebiso ba Botho ka toka, e ikobela molao, le ka ho ba le ponaletso.
  • E bokella feela Boitsebiso ba Botho ho merero e boletsweng, e hlakileng le e nepahetseng.
  • E Sebedisa feela Boitsebiso ba Botho moo bo hlokahalang, le moo ho loketseng, ho ikamahanngwa le bohlokwa ba merero ya Tshebediso ya bona.
  • E boloka Boitsebiso ba Botho bo nepahetseng mme e leka ka hohle ho netefatsa hore Boitsebiso bo nang le diphoso bo ya lokiswa kapa bo hlakolwe hanghang.
  • E boloka feela Boitsebiso ba Botho ka nako e boletsweng ya Tshebediso ya bona.
  • E nka mehato e nepahetseng ho netefetsa hore Boitsebiso ba Botho bo bolokehile, bo sireletsehile kgahlanong le tshebediso e sa dumellwang kapa e ka thoko ho molao, kotsi ya tshohanyetso, kapa tshenyo.
  • YPrime e nka boikarabello hore na e fumana le ho phatlalatsa Boitsebiso ba Botho jwang, esita le ho netefatsa hore e latela maano a ka hodimo.

Moo ho ikarabellang Molaodi wa Taolo ya Boitsebiso, YPrime e hlalosetsa motho ka mong mabaka a ho sebedisa Boitsebiso ba bona ba Botho le hore na jwang, esita le temana ya molao ya Tshebediso ya boitsebiso ho latela leano la yona la lekunutu, eseng tshebediso ya Boitsebiso ba Botho ka mabaka a fapaneng. Moo YPrime e latelang ditabatabelo tsa yona e le lebaka la mantlha la Tshebediso ya Boitsebiso, e tla etsa boitekolo ho netefatsa hore ditabatabelo tseo ha di hatikele ditokelo le bolokolohi ba motho ka mong. YPrime e tla lokisa Boitsebiso ba Botho hanghang haeba monga bona a etsa tlhokomediso ya hore bo fetohile kapa bo fosahetse.

Moo ho ikarabellang Molaodi wa Tshebediso ya Boitsebiso ba Botho kapa mothusi wa hae, YPrime e tla sebedisa feela Boitsebiso ba Botho ho latela melao e tshebetsong, ditataiso, melawana, ho ipapisitswe le taelo ya molaodi wa taolo ya boitsebiso.

Boitsebiso ba Botho bo bokellwang nakong ya dikamano tsa mosebeletsi le rakonteraka bo bolokwa kahara faele ya motho a amehang ele pampiri kapa kgomphuthareng le diofising tsa YPrime. Nako eo YPrime e bolokang boitsebiso bo amanang le tshebetso bo fumanwa kahara tataiso ya polokeho e fuwang batho ba amehang.

Ka nako enngwe bosebeletsi ba YPrime le borakonteraka ba tokiso ya thepa ha ba kgone ho sebedisa Boitsebiso ba Botho ho fana ka thepa kapa ditshebeletso ho YPrime. Borakonteraka ba sebedisa Boitsebiso ba Botho feela bo hlokahalang molemong wa hore rakonteraka a itseng a fane ka tshebeletso e lekanyeditsweng ho YPrime. YPrime e lebelletse basebeletsi le borakonteraka ba yona tsa lokisang thepa ho: (1) boloka lekunutu la Boitsebiso ba Botho ho ipapisitswe le tataiso ena, (2) se sebedise kapa ho phatlalatsa Boitsebiso ba Botho mererong e meng ntle le ho fana feela ka thepa le ditshebeletso ho YPrime, ho latela molao.

YPrime e boloka tlaleho ya tshebetso ya yona ya Tshebediso ya Boitsebiso ba Botho ho latela melawana ya GDPR.

Ditokelo tsa Botho
Jwaloka beng ba boitsebiso, motho ka mong o na le ditokelo tse mmalwa mabapi le Boitsebiso ba Botho bo jwalo.

Dikopo Tsa ho Fumana Dintlha Tsa Boitsebiso

Motho ka mong o na le tokelo ya ho tseba hore na ke karolo efe ya Boitsebiso ba Botho ba hae e laolwang le ho sebediswa ke YPrime ho netefatsa hore Boitsebiso ba Botho bo jwalo bo nepahetse ebile bo sebediswa feela molemong ya merero eo YPrime e boloketseng bona. Haeba motho a etsa kopo e utlwahalang, YPrime e tla mo hlalosetsa:

  • hore na boitsebiso ba hae bo ya sebediswa kapa tjhe, ebang ho le jwalo, lebaka ke lefe, mekgahlelo ya Boitsebiso ba Botho bo amehang le mohlodi wa teng haeba bo sa bokellwe ho motho ka mong;
  • bao boitsebiso ba bona bo ka phatlalatswang, ho kenyeletswa le bahwebi mmoho ba kantle ho Sedikadikwe sa Moruo sa Europe (EEA) le ditataiso tse sebetsang karolelanong e jwalo;
  • Boitsebiso ba Botho ba hae bo bolokwa nako e kae (kapa hore na nako eo e kgethwa jwang);
  • o na le ditokelo tsa ho lokisa kapa ho hlakola boitsebiso ba hae, kapa ho thibela kapa ho hanyetsa Tshebediso ya bona;
  • o na le tokelo ya ho hlaisa tletlebo ho bolaodi bo amehang ba polokeho ya lekunutu haeba a nahana hore YPrime e hatiketse ditokelo tsa hae tsa polokeho ya boitsebiso ba hae; le
  • hore na YPrime e sebedisa dikgomphuthara ho etsa diqeto kapa tjhe le mabaka a amehang tabeng ya ho nka diqeto.

YPrime e tla fa motho kopi ya Boitsebiso ba hae ba Botho bo bokelletsweng nakong ya Tshebetso. Sena se tla etswa hangata ka mokgwa wa foromo ya marangrang haeba motho a entse kopo ka marangrang, ntle le haeba motho a entse kopo ka mokgwa o mong.

Haeba motho a hloka dikopi tsa tlatsetso, YPrime e ka mo lefisa tjhelete e amohelehang, e ipapisa le ditshenyehelo tsa bosebeletsi phanong ya dikopi tse ding.

Ho etsa kopo ya ho fumana boitsebiso, motho ya amehang o tshwanela ho romela molaetsa wa imeile ho marketing@yprime.com. Ka tlwaelo, YPrime e tlanngwa ke molao ho kopa bopaki ba boitsebiso pele kopo e ka sebetswa. Hape, maemong a mang, YPrime e ka nna ya hloka ho ikopanya le bolaodi ba taolo ya boitsebiso haeba YPrime e le yona e bo Sebetsang (kapa mothusi wa yona), moo ho hlokahalang.

Hangata YPrime e araba kopo nakong ya kgwedi ho tloha letsatsing leo e amohelwang ka lona. Ka nako e nngwe, haeba YPrime e sebetsana le boitsebiso bo bongata ba motho ka mong, e ka araba ka mora dikgwedi tse tharo ho tloha letsatsing leo kopo e amohetsweng ka lona. YPrime e tla ngolla motho ka mora kgwedi ka mora ho fumana kopo ya pele ho mo hlalosetsa hore na ho feela ho le jwalo.

Haeba kopo ya ho fumana boitsebiso ya mohlahlobuwa e se na nnete kapa e feteletsa, YPrime ha e na ho e sebetsa. Ho fapana le hoo, YPrime e ka dumela ho araba empa ka tefiso ya tjhelete, e ipapisa le ditshenyehelo tsa ho arabela kopo. Mohlala ke ha kopo ya motho ya ho fumana boitsibiso ba hae e se na nnete kapa e feteletsa, e ipheta leha YPrime e se e arabile. Haeba motho a etsa kopo e se nang nnete kapa e feteletsa, YPrime e tla mo hlokomedisa ka seo le hore na e tla sebetswa kapa tjhe.

Ditokelo tsa Ding

Motho ka mong o na le ditokelo tse mmalwa mabapi Boitsebiso ba hae ba Botho. Motho ka mong a ka kopa YPrime ho:

  • ba tsebisa ka pokello le tshebediso ya Boitsebiso ba bona ba Botho;
  • lokisa Boitsebiso ba Botho bo sa nepahalang;
  • emisa ho Sebedisa kapa ho hlakola Boitsebiso ba Botho bo seng bo se na seabo tshebetsong;
  • tswelapele ho boloka dintlha tsa bona tsa Boitsebiso ba Botho empa di se ke tsa sebediswa;
  • hlompha ditokelo tsa motho ka mong ho hanyetsa Tshebediso ya Boitsebiso ba Botho maemong a mang, mohlala, dipapatso tse kgethehileng;
  • ba fa Boitsebiso ba Botho ka foromo e ka fetisetswang habobebe khomphutareng e nngwe. Hangata re araba kopo ena ka ho fana ka boitsebiso ka foromo ya \”comma-separated-values\” (csv);
  • hlompha ditokelo tsa motho ka mong mabapi le diqeto tse entsweng ke khomphutara ka Boitsebiso ba bona ba Botho;
  • emisa ho Sebedisa kapa ho hlakola Boitsebiso ba hae ba Botho haeba mabaka a motho a utlwahala ho feta merero ya YPrime ya ho Sebedisa Boitsebiso ba Botho (moo YPrime e itshetlehileng ka merero ya yona e le lebaka le tiileng la ho Sebedisa Boitsebiso ba Botho);
  • emisa ho Sebedisa kapa ho hlakola Boitsebiso ba Botho haeba Tshebediso ya bona e se molaong; le
  • ho emisa ho Sebedisa Boitsebiso ba Botho nako e boletsweng haeba di sa nepahala kapa haeba ho sa dumellanwe hore na mabaka a motho a tshwareha mabapi le hore na YPrime e ka Sebedisa Boitsebiso ba hae ba Botho kapa tjhe.

Ho etsa kopo ya hore YPrime e nke o mong wa mehato e ka hodimo, motho ya amehang o tshwanela ho romela molaetsa wa imeile ho marketing@yprime.com.

Batho ba hlahang sedikadikweng sa EU (Beng ba Boitsebiso ka hara EU) ba ka isa ditletlebo tsa bona ho bolaodi ba polokeho ya boitsebiso sebakeng sa bona mme ba ka kopa tharollo e tlamang mabapi le dikopo tsa ho fumana tshebeletso tse sa rarollwang ka mekgwa e meng.

Haeba o batla ho ntsha maikutlo kapa o na le tletlebo e ke keng ya rarollwa le rona ka kotloloho, o ka ikopanya le ba bolaodi ba polokeho ya boitsebiso sebakeng sa heno.

Tshireletso ya Boitsebiso

YPrime e tsotella tshireletso ya Boitsebiso ba Botho. YPrime e na le maano a tsamaiso a ho sireletsa Boitsebiso ba Botho mabapi le tahlehelo, kotsi ya tshohanyetso, tshebediso e mpe kapa phatlalatso, le ho netefatsa hore boitsebiso bo sebediswa ke basebetsi nakong ya tshebetso feela.

Moo YPrime e batlileng bahwebi mmoho ho e thusa ka ho sebetsana le Boitsebiso ba Botho, bahwebi ba jwalo ba latela tataiso e ngotsweng, ba tlangwa ho boloka lekukutu le ho ikobela melawana ya tshebetso e loketseng ya setekgeni le ya khamphani ho netefatsa polokeho ya Boitsebiso ba Botho.

YPrime e nka boikarabello bo ka bang teng maemong ao Boitsebiso ba Botho bo ka fetisetswang ho bahwebi ba bang. YPrime e ke ke ya arolelana Boitsebiso ba Botho le mang kapa mang e sa netefatsa hore motho ya jwalo o ikobela metheo ya tsamaiso kapa melao e tshwanang e fanang ka tshireletso e lekaneng. YPrime ha e arolelane Boitsebiso ba Botho le batho bao e sa ba tsebeng, ntle le taelo e entsweng ka molao ke motshehetsi kapa bolaodi ba tshebediso ya boitsebiso. Mohlala, maemo a jwalo ke a amanang le phatlalatso ya Boitsebiso ba Botho ba moreki ka tataiso ya molao, kapa phatlalatso e entsweng molemong wa polokeho, bophelo bo botle le bophelo ba motho ya amehang. Moo YPrime e laelwang ho arolelana Boitsebiso ba Botho ba motho ho mohwebi e mong, YPrime e tla netefatsa hore mohwebi eo o fana ka tshireletso e lekaneng. Haeba YPrime e hlokomela hore mohwebi ya jwalo ya fumaneng Boitsebiso ba Botho o sebedisa kapa o phatlalatsa boitsebiso bo tswang ho YPrime ntle le ho ikobela melawana e tataisong ena, YPrime e tla nka dikgato tse matla ho thibela kapa ho emisa tshebediso kapa phatlalatso ya bona.

Ditekolo tsa ho Ameha ha Tshireletso

Tse ding tsa Ditshebetso tsa YPrime di ka kenya letsoho tahlehelong ya boitsebiso. Moo Tshebediso ya boitsebiso e ka hatikelang ditokelo le bolokolohi ba motho, YPrime e tla etsa tekolo ya ho ameha ha tshireletso ya boitsebiso e le fumana lebaka le botebo ba seo. Sena se etswa ho ipapisitswe le mabaka a susumeditseng ketso e jwalo, dikotsi ho batho ba amehileng le mehato e ka nkuwang ho thibela kotsi eo.

Tshebediso e Fosahetseng ya Boitsebiso

Haeba YPrime e hlokomela hore ho bile le tshebediso e fosahetseng ya Boitsebiso ba Botho bo behang ditokelo le bolokolohi ba batho ba amehang kotsing, e tla tsebisa Mokomishenara wa Boitsebiso nakong ya dihora tse 72 ka mora hore ho fumanwe bothata boo. YPrime e tla tlaleha ditshebediso tsohle tse mpe tsa boitsebiso ho sa tsotellehe botebo ba tsona.

Haeba tshebediso e fosahetseng e ka beha ditokelo le bolokolohi ba batho ba amehang kotsing, YPrime e tla tsebisa batho ba jwalo hore ho bile le tshebediso e fosahetseng ya boitsebiso le ho ba hlokomedisa kotsi e ka bang teng esita mehato e nkilweng.

Ho Romella Boitsebiso Dinaheng tse Ding

Boitsebiso ba Botho bo laolwang kapa bo sebediswang ke YPrime bo ka romelwa dinaheng tse ka ntle ho EEA.

YPrime e itlama ho ikobela tataiso ena ka ho ipapisa le Melao e Tlwaelehileng ya Konteraka, e tshebetsong, le ho ikemisetsa ho batlisisa ka botlalo le ho leka ho rarolla ditletlebo tsohle kapa ho se dumellane ka maikutlo mabapi le tshebediso le phatlalatso ya Boitsebiso ba Botho e sa ikobeleng tataiso ena.

Maikarabelo a Mosebetsi wa YPrime
Basebetsi ba YPrime ba ka ba le tokelo ya ho sebedisa Boitsebiso ba Botho ba batho ba amehang, bareki le batshehetsi ba rona nakong ya mosebetsi. Maemong a jwalo, YPrime e sebetsa le batho ba amehang ho thusa ho tiisa boitlamo ba yona ho basebetsi, bareki le batshehetsi ba ho sireletsa boitsebiso.

Basebetsi ba nang le tokelo ya ho sebedisa Boitsebiso ba Botho ba Batho ba tlameha:

  • ho sebedisa feela boitsebiso boo ba fuweng matla ho bona, molemong wa tshebetso feela;
  • ho se fane ka boitsebiso ho batho ekaba ka hare kapa kantle ho YPrime ba ikarabellang;
  • ho netefatsa tshireletso ya boitsebiso ka nako tsohle, mohlala, ka ho ikobela melao ya ho sebedisa sebaka sa tshebetso, khomphutara, nomoro ya lekunutu, tshireletso ya difaele le ho hlakola tse ding;
  • ho se hlakole Boitsebiso ba Botho, kapa ho tlosa disebediswa tse nang le bona kapa tse ka sebediswang nakong ya tshebediso ya bona, sebakeng sa tshebetso sa YPrime ntle le ho nka mehato e nepahetseng jwalo ka encryption kapa tshireletso ya nomoro ya lekunutu ho netefetsa tshireletso ya boitsebiso le disebediswa;
  • ho se boloke Boitsebiso ba Botho ho dipoloko tsa letsoho kapa disebediswa tsa motho tse sebediswang bakeng sa tshebetso; le
  • ha ba elellwa tshebediso e fosahetseng ya boitsebiso ba romele molaetsa ho privacy@yprime.com hanghang.

Ha o sa ikobele melawana ena o tla fetisetswa ka pela komiti ya kgalemo, ho ipapisitswe le melawana ya kgalemo le tsamaiso ya YPrime.

YPrime e tla fana ka kwetliso ho basebetsi bohle mabapi le boikarabelo ba bona ba ho netefatsa tshireletso ya boitsebiso e le karolo ya ntlafatso ya tshebetso ka di nako tse ding le nako e tlang.

Basebetsi ba hlokang ho sebedisa Boitsebiso ba Botho kgafetsa, kapa ba ikarabellang ho kenya tataiso ena tshebetsong kapa ho arabela dikopo tsa ho fumana boitsebiso tlasa tataiso ena, ba tla fumana kwetliso ya tlatsetso ho ba thusa ho utlwisisa tshebetso ya bona le mokgwa wa ho ikobela yona.

Lekunutu la Marangrang
YPrime, kapa bahwebi mmoho ka taelo ya yona, e ka bokella Boitsebiso ba Botho ba batho ba etelang webosaete ya yona le tshebediso ya teng, mme seo le sona se ikamahanya le tataiso ena. Boitsebiso ba Botho bo jwalo bo ka bokellwa ha motho a fana ka lebitso la hae /kapa aterese. YPrime, kapa bahwebi mmoho ka taelo ya yona, ba ka bokella boitsebiso ba batho ba etelang webosaete ya YPrime ntle le hore motho a fane ka boitsebiso ba marangrang ka mekgwa e fapaneng ya khomphuthara, jwalo ka diaterese tsa moo sesebediswa sa hae sa marangrang se leng hona teng (IP address), tse tsomang dicookie, mebala le mekgwa eo motho a sebedisang webosaete ka yona. Leha boitsebiso bo bokelletsweng ka mekgwa e jwalo ya khomphuthara bo sa kgetholle motho ka kotloloho, diboraosa tsa marangrang di fetisetsa boitsebiso ho webosaete ya YPrime hore na ke software efe e sebediswang ke khomphuthara ya mosebedisi, jwalo ka aterese ya IP le mofuta wa boraosa. Boitsebiso bo bokeletsweng ka mekgwa e jwalo bo ke ke ba sebediswa ho kgetholla motho ka mong ntle le ho fana ka boitsebiso ba tlatsetso bo ka ba kgethollang.

Dicookie
YPrime e sebedisa dicookie e leng difaele tse nyane tsa boitsebiso tse fanwang ke webosaete ya rona mme di bolokwa sesebedisweng sa hao. Webosaete ya rona e sebedisa dicookie tse behwang ke rona kapa bahwebi mmoho kapa batho ba bang ka sepheo se fapaneng, mohlala, ho tsamaisa le ho matlafatsa maemo a tshebediso ho basebedisi le ho bapatsa. Dicookie di ka fellwa ke nako ha o qeta ho sebedisa webosaete, kapa di ka bolokwa khomphuthareng ya hao ha o sebedisa webosaete nakong e tlang. O ka thibela tshebetso ya dicookie ka ho fetola diseting tsa boraosa ba hao (sheba moo ho ngotsweng \”Thuso\” ho boraosa ba hao ho ithuta ho etsa sena). Ho thibela tshebetso ya dicookie ho tla o sitisa ho natefelwa ke ho sebedisa webosaete ya rona.

Mofuta oa 9, o qetetse ho ntlafatsoa ka la 25 Hlakubele 2023

Scroll to Top